Jwalo ka ha Ntsu e qhaqha sehlaha sa yona e tsosa madinyane a yona  
-- William Branham

Bukeng ya Deuteronoma re bala ho kgaolo ya 32, temaneng ya 11, "Jwalo ka ntsu ha e tsosa madinyane a yona, mme e okaokela hodima oona, e emisa mapheo a yona, e a pepa mapheong a yona."

Jwalo ka motho ya tlwaetseng bophelo baka ntle, ke ne ke ipotsa kamehla hore hobaneng ha Modimo A Itshwantsha le ntsu. Bibele ya ka ya pele ene ele tlhaho mme kene ke e rata haholo. Ha o batla ho bona Modimo o ka mmona tlhahong, hobane ke mmopi wa yona.

Ke ile ka bona nonyana tseo tse makatsang dile kwana dithabeng moo di dulang teng. Ke disa dikgomo, jwalo ka molebedi wa serapa se hlaha, le ho dula ke bala Bibele seo ha se a ka sa tloha ho nna. Ke rata bophelo ba kantle le ho lebella kamoo Modimo A tsamayang ka teng sebakeng sa Hae.

Ka tlhaho Modimo O itlhahisa jwalo ka ntsu. Ke ile ka ya mane Palestina ho na le mefuta e 40 ya ntsu. Lentswe lena ntsu le bolela hore ya fepang ka molomo, e leng mofuta o motle oo Modimo A fepang bana ba Hae ka oona ka molomo wa Hae Lentswe la Hae.

"Motho a ka sephele ka bohobe feela, empa le ka Lentswe le leng le le leng letswang molomong wa Modimo." Ke ntsu e fepang madinyane a Yona ka Lentswe la Hae. O tla hlokomela hore kamehla Modimo O tshwantsha baporofeta ba Hae jwalo ka dintsu, mme O boetse O itshwantsha jwalo ka ntsu le Yena. Ke Jehova ntsu, mme rona re dintsunyana, Madinyane a Hae. Mme na Ha A re fepe ka molomo wa Hae? "Motho ha a phele ka bohobe feela empa le ka lentswe le leng le le leng letswang molomong wa Modimo." Modimo o re fepa rona dintsunyana ka Lentswe la Hae, Lentswe le builweng.

Ka nako tse ngata ke ile ka thabela kgoho, empa nka thabela ho ja le Modimo tafoleng ya Hae. Ha Modimo a re fepe feela ka Lentswe la Hae dijo tse mona tse tswang molomong wa Hae bakeng sa karolo tsa rona tse ka hare . Kereke kajeno e lapile hoo e shwang ho ya tlhahiso yaka, jwale ho ka bua ka sena ho ka sebe le letho ho ka nka sebaka sa dijo tsa ntsu, ke dijo tsa nnete feela tsa ntsu tse lokileng--mme jwalo kaha rele dintsunyana re lokela ho kaja dijo tsa ntsu--e seng kopanelo feela, kapa dijo tsa mantsibua ka hare ho kereke, e seng papadi ya ho bapala--re hloka dijo tsa ntsu, re fepuwa hotswa molomong wa ntsu Jehova.

Mapheo a mabedi a ntsu ke topollo. A boetse a emetse Selekane sa Kgale le Selekane se Setjha. Ntho e nngwe hape ka ntsu e fofela hodimo ho feta e ng kapa eng. O utlwile tlhahiso hore mothoo nale leihlo la phakwe, empa phakwe e ya fokola ka ho bona, ho na le ntsu. Phakwe ha e bone halofo ya kamoo ntsu e bonang mme ha phakwe e ka leka ho latela ntsu, ho ya bophahamong boo e ratang, e ka nyamela. Ka tsela e jwalo ntsu hantle ntle e lokisa tsela ya bophahamo ba yona.

Modimo O tshwantsha baporofeta ba Hae jwalo ka dintsu. Ha o ntse o phahama, ke ha o ntse o bonela hole ho feta. Haebe o tlaya hodimo, mme o sena leihlo la ho bona pele, ho bolela ho ya hodimo ha hao ho ka se otswele molemo. Jwale Modimo, ha a re nka hore isa hodimo ho ka re bontsha ho ya pele. Ke rata seo. Ha o ntse o nyolohela hodimo o kgona ho bona betere ho feta.

Jwale ha re le dintsunyana re tla lakatsa hoba sebakeng jwalo ka ntsu. Empa o hlokometse hore nonyana tse ding di leka ho fofela hodimo? Mme o shebe se etsahalang; ditla tlosa ntsu le ho leka ho ya hodimo, jwalo kaha ntsu e etsa feela, empa ha dise dile hodimo diqale ho korotla. Difumana hore ha di lekane le ho tshwana le ntsu. E mong o tlare, "Nka se emele sena"--mme e mong a re sena. Ke eng? Ha di ya etsetswa ho ka fofa jwalo ka ntsu, ebe ba fofela morao kerekeng tsa bona tse shweleng le ho ya shwa ka baka la tlala. Empa e seng ntsu--e tswella ho fofa le ho fofa.

O hlokomele jwale tsela eo ntsu e fofang kgahlano le moya ka teng. E phahamisa mapheo a yona a matla e tswelle ho fofa. Ke rata seo haholo. Mme ke tsela eo badumedi ba etsang ka yona. Ha a mathe ho tloha palong ho ya bakeng se seng, Methodist bekeng e na, Pentecostal bekeng e tlang--o bea tumelo ya hae ho Modimo le ho fofa, a palame mapheong a matle a Modimo. Ke rata ho o bolella seo ke ithutileng sona mane Colorado nakong eo ke ntseng ke tsoma.

Ka nako e nngwe mane dithabeng ke ne ke tsoma elk (phoofotswana tsa Amerika). E ne e le nako ya selemo. Lehlwa le ne le soka le ena, jwale ke ne ke lokela ho ka kena morung. Ho ne ho le siko motho maele tse ka bang 70 ho tloha ho nna. Molebedi wa serapa a epa mohlala o mong matsatsi a mane pele ho moo. Ka tlama pere yaka ka nako eo le ho ya sebakeng se seholo lemong tsela ke ne ke disa dikgomo.

Hang feela pula yatla. Ka kena hara sefate "o fefola ho ya fatshe," mme pula ya feta. E ne e na sebakanyana mme le kgethehe sebakanyana, ebe letsatsi le ya tjhaba. Ka koloba hanyane ke ne ke phumula sefahleho saka mme ke tswa sefateng. Ke ne ke eme moo ha ke utlwa se seng morao kwana morao. E ne e le phiri a lla, mme motswalle wa hae a moaraba mona.

Davida o itse, "Bodiba bo bitsa bodiba." Ke rata bohlaha ha ke utlwa phirir eo e lla mme molekane wa yona a araba se seng botebong baka sa qala ho bitsa. Letsatsi lene le tjhaba hara dithaba le hlakoreng la bophirima. Ha le ntse le eya ka mokgwa o jwalo lene le tjhaba botaleng boo bo sa feleng moo ho leng lehlwa le ho e tsa mookodi. Ka nako eo ka utlwa mohlape wa dielk oo ke neng kele kamora ona.

Elk e kgolo e tsofetseng ya hweletsa morao mane. Oho, ka qalella ho theola meokgo. Ke ne ke sitwa ho itshwara. Se seng ka hare ho nna se rata tlhaho, mme ha "Bodiba bo bitsa bodiba ka hare ho metsi a Hao" (Pesalema 42:7) ka qhibidiha. Ha ho nale se seng ka hare kamoo se bitsang bodiba, HOLOKELA hoba le bodiba ho ka utlwa seo.

Pele ho kaba le makgakgapa mokokotlong wa hlapi, ho lokela hoba le metsi hore e tle e kgone ho sesa ka hare ho ona. Pele ho kaba lesefate lefatsheng ho ne ho lokela hore hobe le lefatshe, kapa ho ka sebe le sefate. Lemong tse fetileng ke ile ka bala ka moshemane ya ileng a ja motsu wa dipitliloto mme mmae a mofumana a e ja tjhupu ya baesekele. Mme diteko tsa tliniking di ile tsa bolela hore o nale craving sulphur. Ha ho nale se seng mona ho craving sulphur, ho LOKELA hoba le sulphur ho ka arabela seo.

Haho nale tlhaho, ho lokela hoba le Mmupi ho ka bopa. Haho monna kapa mosadi ya kileng a latswa Modimo empa ha jwale o lakatsang bakeng sa Modimo. O leka kahohle hore o fumane haholo ka Modimo. Ha ho nale takatso ka ho wena ya Modimo, kae kae ho lokela hoba le se seng sa Modimo. Ke ile ka bona mma la wa mmokodi yaba ho tla se seng ka ho nna seo ke ileng ka se rata ho tshwara kgotso ya ka. Ke ne ke hlokomela Modimo mookoding oo; ke bona Modimo ha tsatsi le dikela; ke ne ke utlwa Modimo a bitsa; Ke ne ke utlwa le ho bona Modimo hohle. Ha o kenya Modimo ka hare, o tla Mmona hohle moo o yang teng. Empa O tlile pele ka pelong ya hao. O lokela ho o tlosa ho bowena. O lokela ho ofa takatso ya ho etsa se seng.

Mme ha ke ntse ke tadimile, ya re hang feela ka utlwa sello sa squarel (nonyana e mohatla o molelele e dulang difateng tsa Amerika). Mohlomong ba bang ba baena le ya tseba hore ke bua ka eng--dietsa lerata le leholo ho ka se ye nqenngwe. Ke eo moo a neng a le teng, ke dutse moo hodima patsi, ke qoqa feela, ho qoqa, ho qoqa. Ka nahana ka thaka lena--le lenyane, o etsang? Ke ile k a bona ntsu e kgolo e le moyeng mme e itshireleditse sekgoholeng. Mme thaka lena le leholo la phahama.

Ka re, oho ka bona squarel seo se senyane ke hobaneng o le lerata ha kana. Le ne le sa ntjheba thaka lena. Le ne le shebile ntsu eo. Ka disheba nakwana mme kare--Modimo, hobaneng o ile wa fetola mohopolo waka ho tloha morao kwana ho fihlela mona? Ke eng se mona?

Ke lena thaka lane le fofang squirrel, ha le hloke le ha ele peni. Mme ke ena ntsu e kgolo--ntho feela eo le e etsang ke ho fofela hodimo sebakeng. Empa, ka nahana, hobaneng o ile wa fetolela tjhadimo yaka ka hlakoreng lena? Mme ha kentse ke shebile thaka leo le leholo le tswella ho tsamaisa mapheo a lona. Ka nahana, na o ya ntshaba na? Ke nale sethunya mona; nka o thunya ha ke rata. Ka tshwara sethunya ka shadima mahlo ao a maholo a ntadimileng, mme la tswella ho tsamaisa masiba a lona. Ka nahana, e, ke ya bona jwale hobaneng o le sebete ha kana. Lebaka ke lena ha o lekwalwa. Modimo O oneile dipheo tse pedi tse matla, mme o nale tshepo ho tsona.

Ha feela re ka nka dipheo feela tsa Bibele, Lentswe le ngodilweng la Modimo, mme raba le tshepo e kgolo ho tsona jwalo kaha ele Lentswe la Modimo ka Moya o Halalelang. Ha feela re kaba le tshepo jwalo ka ntsu eo e bile le yona ho mapheo a yona! E ne e tseba hantle feela hore e tla phahamisa le leng mme ne nke ke ka kgona ho e thunya. Ka le sheba thaka lena ho fihlela le kgathala, mme la tlola hang feela la otlanya mapheo a lona ha bedi, mme o ya tseba hore na le ile la etsang? Yaba ha le sa etsa sena. Lene le tseba hantle feela seo le neng le se etsa ka mapheo a lona, mme la ntsha mapheo a lona ha moya o fihla le ho le phahamisa thaka lena mme yaba ke eme ke lebelletse thaka lena ho fihlela le fetoha ntho e nyane feela.

Yaba dikeledi di ya theoha hape. Ka nahana, Modimo, ke seo. Ha kereke ene feela e tseba hore e ka dula diphiong tsa tumelo ya Modimo leha e se ism e tlang mmoho. Eseng ka mokgwa oo. Ke ho beha feela tumelo ya hao tshepisong ya Hae mme Moya wa Hae o Halalelang o re phahamisa.

Ya siya lefatshe leo la kgale-le ho lesa squirrel se dutse moo se ntse se bina, chat, chat--nako ya mehlolo e fetile, haho ntho e tshwanang le kolobetso ya Moya o Halalelang, le sehlotshwana feela sa dithoto, ke seo eleng sona feela, jwalo jwalo, le ka mokgwa o jwalo. Ntsu e ile, ya lesa e monyane chatter-chatter-mona chatter-chatter-mola morao.

Modimo re thuse re nke seo, nka tshepiso e nngwe le e nngwe eo Modimo a e boletseng Bibeleng. Seo se ka ho lebaka, metswalle, ha le phele ho tlwangweng. Ke hobane o beha maphio a hao ho Lentswe la Modimo, mme ka tumelo Moya o Halalelang o tla o phahamisa.

Ntsu e senya sehlaha sa yona haeba hose ya dutseng hodima diphio tsa yona tshepisong tsa Modimo, Lentsweng la Hae, Modimo O tla o tlosa ditshileng, ho se lokeng, ho sebeng le Modimo, bophelong ba ho ikgantsha boo o phelang ho bona, mme a o fe thabo, ho phela kahodimo ho sebe, mme o phele lefatsheng le hlohonolofaditsweng leo ho se motho ya letsebang. Amen.

Ke hopola ka nako e nngwe ke le mane zooho la Cincinnati, Ohio, mme ke shebile ntsu eo e neng e sa tswa tswarwa. Ene ele ntho e utlwisang bohloko ho feta tsohle tseo nkileng ka dibona. Nonyana e na ya lehodimo e tshwasuwe ke motho mme o e kentse ka hare ho hoko.

Thaka lena lene le tshwasehile hoo le neng le thula hoko e na ka matla, le otlanya diphio tsa lona, empa le iphumana feela le le ka hare ho ntho ena. Lene le ikotlantse ditshepeng ho fihlela masiba a ne a tswile mapheong a lona mme sefahleho le hlooho dine diruruhile.

Ha ke ntse ke tswella ho lebella thaka lena, le ne le ya pele le morao le ikotlanya ditshepeng, empa le wele hape fatshe. Ebe le robala fatshe moo, mahlo a lona a shebile sebakeng, yaba ke ya nahana hore le ne le sa etsetswa ho phela lefatsheng.

Ke nonyana ya lehodimo; bojohle ba yona ene ele ho phela sebakeng, hole le lefatshe lena. Ebe ho bona nonyana e kang eo ele sebakeng, e se e robetse moo. E etswa hore e sotlehe, empa e hapuwe ke motho ya sa lokang. Ke kutlwelo bohloko e ka ka kang.

Empa, baena, ke ntho e tlwaelehileng ho tsamaya diterateng tsa Chicago kapa metseng e meng feela le ho fumana batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo, ba entsweng hore ebe bara le baradi ba ya Phahameng, mme o fumana hore bafetotswe ke sebe le ditlwaelo ke ditlwaelo tsa bophelo bona. Ba bohlokong bo fetang ba ntsu eo ke boneng .

Motho ha a ya etsetswa ho ka tlangwa. Motho o bopetswe ho ka lokoloha. "Eo ya lokollwang ke mora o lokolohile ka nnete." Ha a ya lokelwa ho ka tlangwa. Oho, ho tla nka dihora ho ka hlalosa sena maikutlo a ka pelong yaka ha ke nahana hore ha jwang batho ba fetolwa ba sa phele ka tsela eo Modimo a ratileng.

Motho o entswe ka setshwantsho sa Modimo, ha a ya lokela hoba motlamuwa wa Satane. Modimo o etse motho ka setshwantsho sa Hae--hoba mora. O ile a beha bophelo ka ho yena, le lenyorwa bakeng sa Modimo. E be batho ba leka ho fedisa lenyorwa leo ka whiskey, alcohol, kwae, le ntho tse ngata tsa bophelo. Ho thata ho ka fedisa nthamo ya Modimo ka ntho tse ding.

Ba tlanngwe ke sebe--e seng takatso ya Modimo, empa motho ka thato ya hae o fumana maemo ao. Ho ka re etsa hantle ha re ka ithuta bophelo ba ntsu, o hlokomela ka tsela eo e entsweng ka yona, mme re itshwantshe hantle le yona.

Ke dumela ho Lentswe. Le re bolella ka ntsu ha e lokisa batjha ba yona. Ho rutuwe ka hore ntsu e ka se lokise botjha ba yona, e iketsa hore ebe ntjha hape.Ha morao re ile ra fumana hore ha e intjhafatse, empa se etsahalang ke hore ho nale nako eo e ikutlwang ele ntjha hape.

Ke ne ke rata ha seo se ka etsahala hontsunyana tsa Modimo, leha e kaba dise ditsofetse, ho ikutlwa ba le batjha hape. Baikutlwa bale batjha hape, ha ba ikutlwela hore Modimo o teng seo ke se etsa ka nako tsohle.

Ha o ka shebisesa hantle o tla fumana ntsu e hlompha botjha ba yona. Pele, ke nonyana feela e le nngwe e kgonang hore e etse seo, le ka ho tsohle, le ha e batlile e shwa--mme e kgutla ka matla e phunyeletse lehodimo jwalo ka e ntjha. Jwale hobaneng ha Modimo a re tshwantsha le dintsu? Ke ka baka lena: ha le kopane kaofela "fatshe moloreng" jwalo kaha re tlwaetse ho bua, hang feela hotle tsoseletso mme ebe o ya tsoseletseha Moyeng. Ke ile ka bona tsoseletso e etla mme batsofetseng ba tsoseletseha, mme bathaba le ho nyakalla moeng bathabela Morena.

Ke bone batho ba neng ba tlamilwe ho diwheelchairs, le dikobong ka baka la kankere, empa ha moya wa Modimo o tsamaya ka tsoseletso ba ne ba ntjhafatswa mme ba lahla diwheelchair! Modimo wa rona o moholo oya re tsoseletsa--O tsoseletsa bophelo ba rona, O tsoseletsa matla a rona, O tsoseletsa kgopolo ya rona, Otswella jwalo kaho re tsoseletsa! Amen. O ya bona, ba ratehang, hobaneng re tshwantshwa le dintsu? Re ya tsoseletswa Moyeng jwalo ka tsona.

Ntho e nngwe eo ke batlang hore re e hlokomele ke ena: mme wa ntsu ha a ahe sehlaha fatshe. O ya thabeng e phahameng haholo. Mme wa ntsu o aha sehlaha sa hae hodima letlapa, le ho fepa madinyane a hae, mme ka tsatsi le leng a qete ka hore ha a rate ho ka ba hodisa jwalo ka dikgoho. Kgoho ke nonyana, jwalo ka ntsu feela, empa ke ntho e tlangweletsweng lefatsheng. E ka kgona ho fofa ha nyane feela ebe e beha maoto a yona lefatsheng hape.

Sena se nkgopotsa ba bang ba itse ba ipitsang Bakreste matsatsing a na ao re phelang ho ona kajeno. Tumelo feela e lekaneng bakeng sa bona. O ka bolela seo o se batlang ha lebitso la hao le le dibukeng, empa na o kile wa ikana mahodimong na?

Ntsu ha e etse sehlaha sa yona lefatsheng. E se etsa hodimo kamoo e ka kgonang. Ke mofuta wa kereke ya Modimo. Ke tlhohonolofatso e ka kang ho itshwarella lefikeng la Calvary, hole le ho hweletsa ha sera. Oho, tetla eo re nang le yona!

Hodimo mola hodima mafika ke hona moo mme ntsu a behang madinyane a hae teng. O wa hlokomella moo, a wa tshwara hantle moo, hole moo dipokola dika se kgoneng ho palama. O ka hodimo ho seo.

Ke thabile hobane re nale Ntate ya ka etsang seo, ha feela re Modumella, re tlisa dillo tsa rona moo diabolose a ka se re fihlelleng, le moo takatso ya whiskey le dinight club di ka se re ameng, ho le le melatswana ya ditakatso.

Jwale ha mme ntsu a aha sehlaha sa hae o sebedisa meutlwa le dithupa le mahlaku le dipatsi le tsohle. O hlokomela haholo hore bana ba hae ba se hlajwe ke meutlwa, kapa ho hlajwa ke dipatsi. Jwale ebe o etsang? O ya tsamaya a fumane konyana mme a e hlabe, mme ebe o nka letlalo la konyana o le isa sehlaheng o yo le ala ho fihlela bana ba ba kgona ho lokoloha. Mme ke seo Modimo a are etsetsang sona. Ha Modimo a hlokomela hore re se re tla tswalwa la bobedi. O re shebile ha tshebeletso e ntse e tswella hore na re tla etsang--o seke wa lebala seo. Mme ebe o tla lokisa sehlaha bakeng sa mmuso hobane O ya tseba hore hausenyana ntsu e nngwe e tla tswalwa. Mme jwalo ka ha Moya wa Hae o hoa o ya utlwa o futhumetse. Mme hlokomela--ha se Modimo Konyana ya etsang hore o phuthulohe? Ke konyana ya sehlaha sa hao, o robale feela! Ha A bokwe Morena!

Hantle feela mona metswalle ke neke bontsha: hodima tsohle, na o amohela kamohelo e ntle eo A re nehang yona. Hopola, ke mawatla a tsamayang ka etsa tse phahameng feela a tshabang ho laolwa ke ntsu. Ho na ho nkutlwisa bohloko jwang ho utlwa bana ba ntse ba belaela. Ha le swabe le molato kaofela! Mme lona ba bitsang ba bang bahalaledi bathetehang, kapa ntho tseo tse ngata--ho madimabe lona! Na ha le tsebe le dithoto tse sebedisang tsebo ya lona. Ere ke o bolelle sena--sethoto se re Mokreste e mong mohalaledi ya thetehang, kapa lebitso le leng feela, mme mangeloi a tshaba ho bitsa ntho tseo feela, ha ka ka kang bona. Mme lona batho ba tlang mona dikopanong mosebetsing wa Modimo, Beelzebub--kapa ho nka se seng se jwalo mokgwa, kapa ho tloha kamora masiu a mabedi mohlomong mahetleng--ho madimabe lona! Na ha le tsebe hore mangeloi ha a bue le ha ele ntho e fosahetseng ka mohlanka wa Modimo, kapa bana ba Hae? Kopanong e nngwe le e nngwe Modimo o romela mangeloi a Hae moo ho ka thusa, le ho hlokomela, le ho ohlokomela ho ya le nako, mme a tsamaya le wena ho ya hae ho boloka o bolokehile. Mme hantle mona e re ke o botse--na HA O ntse o nahan ei ke sena moena--na o beile maikutlo a hao kopanong ena? Oho ha bobebe jwang ho ka tsamaya le Yena.

Mme jwale ha re shebe mme ntsu hape. Hlokomela ka tsela eo a sebetsang ka teng, sheba motsamao ka bonngwe. O ya kgathalla, Ha a ba dumelle ho ka wa hotswa sehlaheng. Mme o hlokomele ka tsela eo Ntate ya Lehodimong a re hlokomelang ka teng--A ka se o lese hore o we. Jehova ntsu o hlokomela seo! Oho hallelujah ! Ke ye ke nahane ka nako e nngwe hore re ka robeha ha matla a Modimo a ne a sa re hlokomela. O re lekanyeditse, O re boloka ka hare ho sehlaha, O ala maphio a hae--ha a etsa sena haho le a mong wa rona ya ka lemalang, kapa haho ya ka re ntshang seatleng sa hae, sehlaha sa Hae. Nahana feela tsela eo o neng o le ka yona nakong eo o neng o tla ho Yena--empa hlokomela feela tsela eo A ileng A o hlokomela ka yona! Ha akaba a emisa seo.

Mme ntsu o hlokomela bana ba hae ha ba mela masiba. Ha a se a bona hore ba se ba loketse ho ka fofa o senya sehlaha. Ke ne ke shebile sena ka se bonela hole. O tfofa ho ya sehlaheng mme ka mapheo ao a maholo a fefole madinyane ka moya. Ebe seo se sisinya masiba ohle a dintsunyana, hobane o a lokisetsa ho ka ifufisa ka boona. Dintsunyana ditseba se seng setlo etsahala, hobane ke dintsu. Diutlwa ho tla ka matla ha moya o sisinyang sehlaha.

Mme o ya hweletsa, ka mapheo a hae a bulehileng, mme bana bao ba ntsu ba ya tseba hore ba behe maoto a bona hodima mapheo, baitshwarelle ka matlo mapheong a mma bona masibeng ao a matla. Mme a sothe hlooho mapheong a hae, a hweletse, hobane o thabile. Dintsunyana ditseba seba sa tsona, mme ebe o ntse a ya hodimo. A ye hodimo ho ya kamoo a ka kgonang ka teng, ntsunyana tsena ha dibelaele le ha nyane. Diitshwarella ho sebaka seo disokang di fihla hohang.

Diye hodimo ha dile hodimo ebe o ya dihlohlora, hantle feela sebakeng. Ha a bahlohlora, ha a ba lese o etsa sedikadikwe le ho ba lebella. Ke ao he madinyane. A qala ho otlanya mapheo a ona kgetlo la pele. A ntse a fetoha, le ho etsa seo sohle, empa a ntse a ya pele ka mokgwa o jwalo. Ha a theohela fatshe mme o yatla ho a phahamisetsa hodimo hape. Ka nako e nngwe o a tshwara ka leoto, mme le leng ka leoto, mme a phahamisetse hodimo. Ntsunyana tsena di nale tshepo hobane ha di ya ikemela di nale mothuse, empa boteng ba mma ona ka nako tsohle ya a hlokometseng. A nale thabo ya kgale ya Pentecostal.

Ha a se a qetile ka ona, mme a se a fumane sohle seo a neng a se batla, ebe o ala maphio a ona a maholo, a itshwareleditse masibeng. O a isa fatshe nthong e nngwe e ntjha hape, fatshe nthong e tala. Ha a esoka a bea maoto a ona nthong e kang eo, ka tsela eo a theohe a thabele seo hape. A kgathallwa hantle feela ka tsela eo, mme ha a qetile o ba nkela ho fofeng sebakeng se phahameng mafikeng a dule moo a lebeletse ntsunyana tse nyane tsa hae. Ho madimabe sebopuwa se tlang ho leka se seng ho ona.

Ntsunyana tse nyane ditseba sebaka sa tsona moo ditlang ho itshwarella masibeng a ntsu. Modimo O ya dibolella hore ke ka tsela e jwang, mme kereke ya Modimo o phelang e ya tseba hore ke ka mokgwa o jwang e ka itshwareella Lentsweng la Modimo, mme mapheo ao a matla a topollo a tshwere tshepiso tsohle ha tshisisnyeho e nka sebaka. E ya tseba ho itshwarella-e itshwarella hobane ka tlhaho ke dintsu.

Mme ntsu o ya fetoha o sheba moo mapheong a hae ha bantse ba hola. Ke ne ke ntse ke nahana kamehla ka seo Modimo a tlang ho sebona Kerekeng ya Hae ha e nka sebaka ho Lentswe, ho ka batla tshepiso e nngwe le e nngwe eo A e tshepisitseng. Modimo O sheba ka thabo le ho ba rata ka lerato la sebele.

E mong le e mong wa mmele ha a nka sebaka sa hae; mosebeletsi; moporofeta sebakeng sa hae. Etlaba letsatsi le jwang leo, ha Modimo A beha Kereke ya Hae Lentsweng hotla matla Modimo latela kahohle mapheo ao, Moya o Moholo o Halalelang.

Ha ntsu e ntse e ya hodimo jwalo ha e belaele. A itshwareletse masibeng, ha a kgone ho ka belaela. Mme ke tsela eo Modimo A nkang Kereke ya Hae--ha o dutse Lentsweng ha o belaele, o itshwarella feela, ha dintsunyana tsena tse nyane diitshwareletse. Ha Modimo a etsa tshepiso, O boloka tshepiso ya Hae, mme ka tsela eo ba itshwareletseng Lentswe ba jwalo.

Jwalo kaha mme ntsu a etsa, ka tsela eo Modimo O etsa jwalo. O dutse ka letsohong le letona la Modimo ha se lebaka lefatshe lereng kapa le nahana jwang. Eba le nako e monate o thabele seo, haeba o sa nahane hore Modimo o nale ntho tseo osa ditsebeng, tloho o nke leeto.

Modimo O tshwantsha baporofeta ba hae le ntsu. Moya o Halalelang o tla nka moporofeta wa hae sebakeng sa lehodimo le ho mmontsha dintho tse ding. O ile a nka Nahume wa Selekane sa Kgale a moisa hodimo hoo a ileng a bona makoloi ao re nang le ona matsatsing ana, mme ka tsela eo a neng a thulana ka teng tseleng, mme a re, "Makoloi a kgehlemana ka matla ditseleng, a ikakgela mmileng: a tadimeha jwalo ka dirumula, a tsekema jwalo ka mahadima." (Nahume 2:4.) Paulose o ile a nkelwa hodimo hoo a ileng a bona matsatsi a ho qetela moo batho e tlabang "ba senang lerato la tlhaho, baetseletsang ba bang, basehloho, basehloho, banyatsang ba lokileng, ba hloyang ba molemo, baeki, le bahlalefi, baratang menate ho na le baratang Modimo; ba nale sebopeho sa borapedi, empa ba latotse matla a bona." (II Timothea 3:3-4-5.) Paulose, jwalo ka ntsu ya Modimo, o ile a ba tseleng ya Modimo, a kgutla ho tlo re futhumetsa. Oho, re leboha Modimo!

Ha ke nahana ka mehla ka ntsu le ka baporofeta ke ba lekanya le dikgoho tse qhotseditsweng lefatsheng. Ntsu e hola ka tsela e nngwe. O tla bona seo ha jwale! Jwale kgoho e tshwana le mokgatlo wa hao moena empa ha o tsebe letho ka tsa lehodimo--ha a esoka a fihla moo. Mme dikgoho tsela ditla dula dirobeng tsa tsona tsa kgale "Haho ntho e tshwanang le phodiso e halalelang, haho ntho e tshwanang le ho bua ka dipuo, haho ntho e tshwanang le kolobetso ya Moya o Halalelang." Jwale, o tseba jwang? Ha a esoka a etswa ka hare ho barnyard ho ka fumana se seng. Ha a esoka a fihlela sebakeng se phahameng sa mahodimo.

Jwale kgoho ke nonyana, jwalo ka ntsu feela, empa kgoho e tseba hanyane ka sebaka sa lehodimo. Ha ke bua ka ntsu ke hopola rapolasi e mong mane Bophirima ya ileng a nka lehe la ntsu a lefuhamisa le mahe a dikgoho. Ha le qhotsa la ntsha ntho e nngwe e neng e sa tlwaeleha. Ditsionyana tse ding tsa hlaha le tsona, mme o ne a sa utlwisise hore ho etsahalng hobane dipuo dine difapane. Ke nahana hore o ya utlwisisa seo. O ile a hlokomedisa seo, mme o ne a sa tsebe seo ka se etsang. Kaofela tsa molwantsha bare ene ele thaka le le leng.

Kgoho e kgolo e ne e fata fata ebe ditsionyana di ya kobo-kobola, empa ntsu ene e sa utlwisise ho kobola hoo . Ha e yaka yatla nakong eo tse ding dietla ene e sa utlwisise ho kobola hoo. Ha ke no bolela haholo ke dumela hore le ya tseba hore ho ile ha etsahalang.

Mokreste ya tswetsweng la bobedi ha a tshwane le lefatshe. Bare ke maloko a kereke e itseng, empa ha o utlwisise ho kobo-kobola hoo. O tswetswe o le ntsu. Modimo o tseba ba Hae.

Ka tsatsi le leng dine dile kantle jareteng mme ntsu a fofa moo. Ha a fofa moo, seriti sa yona se seholo sa feta hodima barnyard. A sheba fatshe moo, mme a iponela. A mohweletsa a tadima hodimo. Ha a tadima, a hweletsa, "Etlo, ha o kgoho; ha o lokelwe ke sebaka seo, o wa ka!"

Ntsu e na e nyane ya ipotsa hore e tla etsa jwang, hobane ene ele sona seo eneneg e sebatla. E ka nna yaeba ho teng ntsu tse ngata tseo dinkutlwang ha jwale tseo dileng mekgatlong ya dikgoho ka nako e telele. Ke hopola hore o bitsa wena, "O wa ka."

O ile a mmitsa, "Nka bohato bole bong feela, mme otlanya mapheo." A etsa bohato ba pele, a otlanya mapheo, a utlwa hore ha a sa tlamehile lefatsheng, hobane a ile a nkelwa barnyard ka tsela ya kgale. Are, "Mora, nyolohela hodimo, tlola hanngwe hape mapheong a ka." Seo kereke ya Modimo o phelang o se hlokang ke ho tlola mola wa mekgatlo, ho tloha mekgweng yohle, le ho lokoloha. Nako ya ho senya sehlaha e se e fihlile, empa re hloka ho tlola hang. Re se re ile jwalo ka kampong, empa re hloka ho ka nka leeto la mahala dipheong tsa Hae bakeng sa ho fofa ele rona feela.

Ke thabela hobane Modimo o nale bana ba tsamayang, ha bautlwa Evangedi ya matla ya Jesu Kreste, ka ho tseba hore seo ke Lentswe la Hae.

Ke ne ke tlamilwe ke mokgatlo o moholo, empa ka tsatsi le leng ka utlwa lentswe hotswa Hodimo. Ene e se le tswang ho baetapele, e seng hotswa presbyter, e seng hotswa lekgotleng la madeakone, kapa mobishopo--ka utlwa lentswe hotswa lehodimong. Le ileng la thabisa pelo yaka!

Kgathatso ke hore re ka hare ho dikgoho tsa barnyard ba sa tsebeng. Ha se dintsu, empa feela ya kgale kgoho ya barnyard e sakang ya leka matla a Modimo. Ha ba yaka ba fodiswa, ha ba ya hlohonolofatswa ka Moya o Halalelang, haba soka banyakalla, kapa ho lla Moyeng. Empa ntsu--e nale tsena tsohle le tse ding--o lebelletse tsa lehodimo le tsohle.

Hantle feela ke ho ya ho batho ba Pentecoste--ke nnete eo nka seng ho e etsa ka thuto e nngwe ho thuto ya ntsu. Mme ntsu o bohlale--o tseba hantle feela hore ngwana wa hae a ka se phele serobeng bophelo ba hae bohle. O lokela ho e tsa mosebetsi ka boena. Ntsunyana e nyane e dutse ha monate ka serobeng, a tsamaya ka hodima letlalo la nku, mme o fepuwa ke mme ntsu--hobaneng, ha a kgathale lefatsheng! O thabile haholo ka serobeng--jwalo kaha ya nang le Moya o Halalelang a ka beha lefatshe a le tjhesa. Empa o ya tseba a ka se eme ka serobeng ka nako tsohle tseo. Ke lona lebaka tlasa kereke ya Pentecosta.

Mamelang lona ntsu tsa Pentecosta! Le se le dutse nako e telele kasehlaheng . Hlokomela mme ntsu--o tla tla ka molomo wa hae a senye sehlaha le ho etsa senya sohle. O lahla letlalo la konyana le boya ba nku, le tsohle, le ho ferekanya sehlaha ntsunyana tse nyane ha dikgone le ho dula fatshe--ha dietsa didula hodima sefate, kapa moedi, kapa ho lejwe leo.

Na o ne o tseba hore Modimo a ka etsa hore o laktse se seng? Ke se etsahalang ho batho ba bangata ba rona. O hula sohle seo ka tlasa kereke tsa rona tsa masiba, O butswela masiba, mme ha nako e ntse e ya re ferekana hoo re sa tsebeng moo re leng teng, mme ke nahana hore ha ho ka etsahala kereke ya Pentecosta e lokelang ho ka iketla le ho lokoloha, ke nakong ya jwale! Re tjhentjhile dirobe, oho e! Empa sheba seo Modimo A se etsang! O tabola dirobe tsa rona, O etsa hore ba seke baiketla. Hobaneng ha a etsa seo? O etsa hore o rate ho tloha ho mokgatlo wa hao le ho iketsetsa--jwalo feela ka mme ntsu e motjha ba banyane, mme o ba beha hantle feela.

Modimo o nale tsela tse ngatab tseo a batlang ba Hae: A ka o nkela eo o moratang; A ka dumella ho kula ho o hlasela. O lokela ho etsa sena hobane o iketlile haholo kerekeng kapa mokgatlong ha ho nale mosebetsi o lokelwang ho e tsuwa. Ha a rate hore o iketle bophelong ba hao ka hare ho sehlaha bophelo ba hao bohle, ho sa kgathatsehe hore o entswe jwang. O lebeletse hore o etse tseo tsohle le hore o hlohonolofatswe--O batla hore o mosebeletse--hore o be le ntsu mme o be le lehae le wena, ho ka fepa madinyane a mang a ntsu.

Mme ntsu, pele a nka leeto la hae la ho qala, o tla tla a fihle a eme hodima sehlaha. O ya bona hore ba se ba lahlehetswe ke masiba a mangata o qala ho otlanya mapheo a yona ka matla--le yena, masiba a wele hape a tswe serobeng sa yona, mme haufinyana dintsu ditla lahlehelwa ke masiba a yona. Kajeno mme wa rona mme ntsu (Jehova) O se a nkile sebaka ho sehlaha sa Pentecosta o otlanya dipheo tsa Hae ka mokgwa o matla kamoo a ka kgonang ka teng. Kereke ya Pentecosta e ka se tlohe ho Modimo ka sehlopha sa masiba a feela! Hobaneng, ho tlile nako eo o ka se kgoneng ho ka bolella mosadi wa Pentecosta ho tswa kerekeng y a lefatsheng la jwale--o sotha moriri wa hae, o apara diaparo tse bontshang bofeela ba mmele wa hae, o itshasa ka pilo. Ho etsahalang? Ke tla o bolella--bongata bolahlehetswe ke masiba.

Mme kaofela banna ba rerang mokgwa ona wa Hollywood ho madimabe lona! O lokela ke ho tlala masiba a phallang feela ho ka fofa ho rera taba ena. Mme lona ditho tsa kereke tse shebellang televesione--masiba a lona a feela, le mamela seo Arthur Godfrey le Elvis Presley le bao bohle ba senang Modimo. O ya ipotsa hore na ke hobaneng ha le sa kgone ho ka fofela hodimo Moyeng o Halalelang. Le ya ipotsa hore ke hobaneng ha Modimo A sa kenye dineo tsa Hae ka hare ho kereke. Ke tla le bolella hore hobaneng--Haho motho eo Modimo a ka beang dimpho tsa Hae ho yena! Baruti ba lahlehetsweng ke masiba--Ho madimabe lona!

Hopola feela sena--ha o sa batle ho hlola ho barnyard le dikgoho, ho lokela hore o hlalefe ha jwale. Hobaneng, kgoho ha e na masiba a lekaneng ho ka e tlosa fatshe--mme ke ona matla ao kaofela ha lona kereke ya Pentecosta le nang le sona. Ha o sa tsamaelane le Modimo o tshwana hantle feela jwalo le kereke e sa dumelang hohang nthong tse tebeling tsa Modimo kgetlong la pele.

Kereke e hloka hore e fofe. Re lokela ho kenella dinthong tse sa tsejweng, tse sa fihlelweng. O seke wa phomola ho barnyard tsamaya. Ha re ikemisetseng ho itshwarella nthong tse tebileng. Nka Modimo Lentsweng la Hae. O ka se etse seo mekgweng e menyane, dithuto, le ho lahlehelwa ke masiba. Ha mollo oo o tuke motsheare le bosiu o etsang hore o utlwe Modimo wa HAO, mme o tla lokelwa ke ho fofa le Yena homtse sa bonweng. Tseba sena, hore o hlokomela letsatsi la Hae bosiu le motsheare hore ho sebe le ya mong ya dinkang hotswa letsohong la Hae. O lefa la Hae, ho bokwe Morena. Ema, mo emele; ha re ka ema mme ra Molebellahotswa masibeng a rona a tswileng ho rona ho tla tswa modumo hotswa lehodimong jwalo ka moya o moholo, mme re tlatswa jwalo ka kereke ya pele.

O tla lokela ho kenela sebakeng sena moo o ka ratang ho kena lehodimong, jwalo kaha ho etswa ke ntsu ya Modimo. O tla lokela ho lesa kereke ya hao ha e sa batle ho ya le wena. O tla lokela ho lesa tsohle, mme o tlolele hodimo ho monanabela, ebe O tla tlasa moya le ho o boloka. Ha ke o bolelle seo o lokelang ho se etsa kapa o lese kopano ya hao kapa kereke ya hao e nyane, empa ke o bolella hore o palame dipheong tsa Jehova--nyolohela hodimo mona. Haeba ha o soka o tswa ka hare ho serobe sa mokgatlo ke nako ya horer o ka nka bohato mme o etse bohato mmusong wa Hae. Ke nako ya ho tseba sohle le seleng teng Mmusong wa Hae. Ho nale se se ngata ho seo ho naleseo o se bonang feela motswalle.

Jwalo feela kaha ntsu e qhaqha sehlaha sa yona, ka nako e nngwe Modimo o etsa sona seo ka hare ho kereke. Hang feela ha rere re phomola ho se seng, Modimo o senya sehlaha. O ile a tlisa Martin Luther ho tswa ho Catholicism, yaba baqala ho iketla yaba Modimo O senya sehlaha le ho romela John Wesley. Batshwareha a romela Finney. Hape baqala ho iketla.

A romela moya o fokang mme wa fefola masiba ohle a sa itshwarellang. O ka sebe le masiba a tsamayang feela ha o fofela Modimo. Modimo o qhaqha sehlaha ka moya o fokang haholo jwalo kaha a entse nakong ya Pentecosta, mme masiba ohle a fefoha. A romela tsoseletso ya Pentecosta a sisinya serobe. Ha o bona nako e sisinyeha mmoho, dintsu di fumana tlhohonolofatso. Kereke e lebeletse se seng.

Ha re beheng mapheo a rona ho Modimo, Lentsweng la Hae, mme ka tumelo Moya o Halalelang o ya o phahamisa. Amen.

Phirimaneng e fetileng ho ne ho dutse pelong yaka ho ka bua ka mongolo o leboteng, mme Modimo O ile a re hlohonolofatsa. Ke thabela ha Moya o Halalelang jwalo kaha o bua le nna, mme wena le ho utlwa ha Modimo nako ele haufi haholo. O hopola maobane ha jwang ke tshwantshitse Babylona e moholo wa selekane sa kgale le ho fumana hore re boetse re maemong ona ao hape moo mongolo o leng leboteng. Kajeno mona Amerika e maemong ona ao, mokgwa w arona o ka mokgwa o jwalo feela, re fumanwa re enwa majwala, moo rer etsang basadi Modimo wa rona. Jwalo kaha baentse feela, re iphumana re etsa yona ntho eo, mme re tseba seo ntle le pelaelo matsatsi a ahao a baduwe. Re beuwa sekaleng sa nako.

Sebe se ntse sele teng hohle, nako le nako. O ka etsa hore sebe se bonahale hantle le ho sepata moo o ratang re apara ka mokgwa o ratang, empa e ntse ele sebe. Sebe se qhalehile hohle hobane se entswe hore se bonahale hantle feela mahlong a batho mona Amerika. Ke dula ke nahana ke seno sena se silafetseng se bitswang leting hobe jwalo. Ke ya hopola jwalo ka moshemane le majwale a moonshine, kapa wa Kgale Charlie Barleycorn. Kajeno e ka hare ho dibotlolo tse ntle tlasa mabitso a matle e sita a neuwe mabitso a monate--empa e ntse ele yena diabolose yena elwa ya bodileng wa thitelo. Mme sheba kwae--lemong tse fetileng nkgono o ne a nka corncob pipe mme a tsube seo ha a nale leino le bohloko, empa sheba mona kajeno seo satane a se entseng hore setlwaelehe. Bomme, baradi, mme e sita le masea a ya tsuba--mme se tlwaelehile ha jwale, empa ke sebe ka yona tsela eo--empa e qetilwe. Ho ne ho sa hlokahale ele ntho e mpe ha banna bane ba bapatsa, mme bakeng sa ho etsa seo e mong o ne a lokela ho batla setumo. Empa sheba seo ha jwale! Ho ne hole hobe ha basadi, ha bane ba tsamaya diterateng ho pota ka hlakoreng le leng ho nale ho ka kena ka hare ho saloone. Sheba seo ha jwale: moo ka hare a behe leoto hodima bar rail mme a lese bana hae le mohlokomedi wa bana, ho kaba ntsintsi ya bareng ho nale hoba bomme--o ya tsebahala. E dutse e ntse e le sebe le ha e kaba ka tsela e feng, mme Modimo o hloile sebe O tla etsa hore o lefelle sebe sa hao hobane ke Modimo o Halalelang, mme Modimo o Halalelang A ka se dumelle sebe. Sebe se hloka lefu, mme baetsang sebe basentse ba shwele tahlehong ya bona.

Ha rwe sheba kotlo tseo matsatsing ana, re bona feela ka hodima karohano ya hotla ha kahlolo ya naha ena, hobane Modimo a ka se re dumelle hore re hlole sebeng. Ka tsela e jwalo e ka sebe Modimo wa toka ha A ka re lesa ho phela ka sebe. O tla etsa hore re lefelle dibe tsa rona, mme jwalo kaha ke boletse pele, ke re hape, ha Modimo O lokileng wa Lehodimo A ka etsa hore re tswelle ka sebe o tla lokela ho ka tsosa Sodoma le Gomorra mme A kope tshwarelo ho bona ka hobane a ile a ba timetsa, hobane re babe jwalo ka bona mohlomong le ho feta bona.

Mang kapa mang ya nang le Moya oo wa Modimo o lokela ho utlwa hotla ha bohale le kahlolo ya Hae e tlang lefatsheng. Moyeng wa hao o ka bona le ho senola hore ho nale se seng se etsahalang. Lefatshe lohle le ikemiseditse mme le lebelletse, setjhaba seo se senyane, setjhaba se seholo, hobane lefatsheng bahlola ntho tse mpe, bobe, batho ba tletseng thetso bakgutlela lefatsheng ho ka le fetola molora ka nako ya motsotso. Sohle se bathibelang hore ke mohau le ho hlopheha nako e telele hwa Modimo--A ka se baphoqe. Re lokela ho hopola seo mme re thabele seo ka baka la ho kgathalla ha Modimo bakeng sa Kereke ya Hae. Re lokela ho hopola! Re ka nna raba Russian satellite pele hoseng. Empa re dula re sa hlokomele, mme re tswella feela.

Lefatshe le fetohile tshenyeho hoo le tsona dipsychiatrists(ngaka tsa mahloko a hlooho) diseng ditshwerwe ke lefu la hlooho. Boramahlale ba bothateng le bona--ba sokola tlasa moya o mobe wa ntwa tlasa lehodimo. Motse o mong le o mong, polasing e nngwe le e nngwe, seterateng ka seng, hohle sebakeng ke botsho bona ba diabolose boaparelang lefatshe. Empa ngwana ya tletseng moya wa Modimo o ya hlokomela hore ke eng se nkang sebaka--o tseba karabo--Morena O yatla haufenyana, mme Lentswe la Modimo le tiisa seo hoo batswetsweng la bobedi feela ba bonang seo, batlatsuweng ka moya, Bakreste ba etellwang pele ke moya ba kabang ka hodima tsohle. Lefatshe le tsamaya mmoho, ba ya tseba hore se teng se phoso empa haho tharollo ho sena haho kganya e baetellang pele.Jwale ba etsa rock and roll ke ho hlahisa seo ka nako ho ka lebale ka ho qoba seo ka ho tiisa seo. Mme mohatsela ona, bongata dikereke dikgutlela morao ho ya hole (Pentecosta e kenelletse le yona) ba fumana tsela tsa bona tse ditshila hobane bahloleha ho ka fumana karabo eo ho tswa ho Modimo e tlang ho etsa seo. Ho nale ho rapela ho ya ka Modimo ho tlosa dikotlo tsa diabolose tse aparetsaeng lefatshele ho re lokolla ho iketleng le ho sheba TV, hoba ledijo tsa mantsibua le ho tsamaya meketjana, ho mathela tulong tsa ho sesa le dibaka tsa dikopano tsa lefatshe, ho rera dithero tsa dipalesa le dibluebirds, mme ho behella nnete tsa Modimo ka thoko tsa hore O ya fodisa le ho etsa mehlolo le ho tsosa bafu, mme baemisitse ho rera nnete. Ha ba lokela ho rera dinnete ka thata ho na le tseo ba sa dibueng ha bue lentswe. Hobaneng? Hobane ba boetse morao. Ho nale ho rapela le ho tswella pele le Modimo ho tswella pele ka kopano tsa thapelo, mme ha ba entse seo ba itlositse ka se seng jwalo ka petso e mpe e hlahellang kolofong. Ha o batla ho baleha tsela eo e kgopo e ya ho Modimo, o se inehele nthong tseo. Ho ka bonahala hole lefifi pele empa ha le sa tswelle ho rapela le ho batla Modimo le ka se fumane dikarabo. Tswella ho itshwarela. Ha mokgatloi wa hao o hana o se o sa rapele le ho utlwa nnete tsa botlalo ba Modimo horeng ena ya nnete, jwale hantle le kereke ya hao feela

Ho nale ho rapela, o ile wa tswa thapelong. Ho etsahalang ka ho kgutlela morao hwa-Bakreste? O lesa ditshireletso tsa hao. Ho ne hole bobebe ho ka theola boitshereletso--o nahana hore o ka sebe le kgatello e kgolo ho tswa lefatsheng. O fela o tla fumana kgatello e kgolo matsatsing ana ho molemo ho ka itshwarella ka ditshireletso ho nale kahlolo ya ho ka lesa seo. Na o ile wa nahana ka ya ratehang Josefa? Ho ne ho tla etsahalang ha a ne a ka nyahama mme a lesa ho rapela ha a ne a le bothateng? Ha motho e mong a nale tokelo ya ho ka tloha ho Modimo hobane o ne a lahluwe ene e lokela hoba ke Josefa. O ile a lahlelwa teronkong ka baka la ho ema kgahlanong le sebe. Ha jwang Modimo a ka mollesa ho lahlelwa tjhankaneng a emetse nnete eo bakeng sa Modimo? Hantle feela Josefa o ne a nale lebaka la sebele ho ka kgutlela morao ka baka la ntho tseo! O ne a ka etsa seo--empa o ile a tswella ho rapela le ho dumela ho seo, mme a sheba LETSOHO LE MATLA LA MODIMO HO MONTSHA. Ke ba ba kae ba lona baruti ba Pentecosta Hollywood ba neng ba ka tshwarella tabeng ena jwalo ka Josefa? Lemo tse tharo a le teronkong e nkgang le banna ba sa lokang ka tlhaho. Nahana ka seo, lemotse telele tse tharo--empa a itshwarella ho Modimo, a itshwarella thapelong, ha akaba a nyahama. Dibeke ho ya dikgweding, mme dikgwedi ho ya dilemong, leha hole jwalo Modimo ha akaba a molahlela ntle. Oho a kabe a ile a inehela, empa tjhe, e seng Josefa--o ne a tswetswe la bobedi, o ne a ka se inehele, se seng ka hare ho yena sene se lla jwalo kaha ho ile hwa etsahala ka Jobo, "Leha le ka mpolaya, ke tla nne ke o tshepe." O ile a tshwarella lemotse telel tse tharo, yaba Modimo O montsha ka letsoho la Hae le matla.

A tlisa Josefa kaponahatso e matlahadi, mme ho tloha ka tsatsi leo Josefa a tswa teronkong matlahadi a Modimo A bile le yena hohle. Ke bolela hore mantsibueng ana, oho rapela mme o lebelle, hore ka tsatsio le leng o tla hlahella ka letsoho la Hae le matlahadi ho tswa hodimo jwalo kaha a entse ka tsatsi la Pentecost, mme jwalo ka Josefa batla tswella lefatsheng leo ka matlahadi a Modimo A nale bona. Dula o tshepahala, topollo e haufe le hotla Kereke. Ntumeleng jwalo ka mohlanka wa Modimo ke bua nnete.

Kereke ya Modimo o phelang e tla lekwa lemong tsena, empa batswetsweng la bobedi jwalo ka bara le baradi ba e tellwa pele ke Moya o Halalelang ho tswa. Ke ya tseba hore re ka phonya nthong tsena tse ditshila e tlang ho wela lefatshe lena ha re ka mamela Modimo. Empa motho ha a mamele, leha lentswe la tlhokomediso la Modimo le bua kamora motho letsatsi le letsatsi motho ontse a lakatsa ho phela sebeng--mme Bakreste, ho bonahala, lba rata ho bapala ka ntho tsa lefatshe.

Ese ele kamora nako ho feta kamoo re nahang ka teng, empa batho ba bangata ba nahana hore ba nale nako. Mangolo, le ha a paka. Jesu o boletse jwalo, "Jwalo kaha ho bile nakong ya Noe, le ha ho bile matsatsing a Lota, homtlaba jwalo le nakong ya hotla ha Mora motho." Ha re lebelle nakong ya hotla ha timelo le kahlolo jwalo kaha ho tlo etsahala nakong ya Noe le Lota. Ba bedi ke mohlala o motle wa tshenyeho ya lefatshe ya boraro ho ya ka Lentswe la Modimo.

Pele Modimo A tlo fedisa Sodoma le Gomorrah, kapa pele a fedisa lefatshe ka metsi, O ile a romela pitso ya mohau. Hlokomela kamoo Enoch a tlileng a rera kgahlano le sebe--mme Modimo A romela lengeloi le lona, mme a romela moporofeta Noe. Empa batho baetsang? Baja, batawa, baaha, mme e ne ele "veine, basadi, le pina," mme balatola molaetsa wa Enoch le wa Noe. Molaetsa wa Enoch le Noe ene ele Mohau, Mohau, le Topollo, empa molaetsa wa latolwa, mme batswella ho etsa sebe--jwalo kaha baetsa kajeno. Lefatshe la ka nako eo ene ele la batho ba tumileng le thuto, le dikarolo tsa teng tse kgolo tsa mahlale, mme babeha tshepo ya bona tsebong ya bona ho nale ho Lentswe la Modimo, kapa moporofeta wa Modimo, ka tsela eo ba ne balatola Modimo--ha morao Modimo le Yena o ile a ba latola. Ha metsi a kahlolo a etla a isa badumedi moo ho bolokehileng, empa basa dumelang ba ya timelong. Ene ele ona metsi a le a ileng a batimetsa a ileng a isa Noe bakeng se bolokehileng. Kajeno molaetsa wa Evangedi o tlang ho timetsa basa dumelang, le ho isa badumedi kganyeng monateng mme o tla hlwibila bara le baradi ba Modimo pele kahlolo e qala. Kereke ka polokeho e tla tsamaya. Amen.

Re leka ho tlisa molaetsa wa mohau wa dipono wa pelo tsa rona ho re bolella hore nako ha e sa le yo, empa kereke ya sejwale jwale e latola seo jwalo kaha e ile ya etsa nakong ya Lota. Batho ba ne batsheha se matlahadi, jwalo ka nakong ya Lot'a ha ba ne batsheha. Ke hlokometse hape hore ho nale bareri ba bang ba ke keng barera molaetsa wa hotla ha Hae haufe--ba tla feta karolo ena ya bohlokwa, kapa batla lahlehelwa ke balatedi bakeng sa moloko o tlang. Empa lebaka ke lena, ke dumela seo ka pelo yaka yohle, moloko wa ho qetela le Modimo ba theohile ho kolobetsa kereke ka Matla A Hae. Jesu O itse, "Eyang ka lefatshe lohle le rere Evangedi ho meloko yohle," mme temana e latelang, "Matshwao a tlang ho latela badumelang ke ana." Sheba seo hantle se ja bo kae--ke moloko o feng o amohetseng kganya ena le ho tlisa sena ho Modimo ho tloha kerekeng ya pele? Kereke ya pele e ne e nale sena, mengwaha e melele ya lefifi ya qala, mme jwalo pheletso e se ele haufe le mantswe a Jesu a tjhesa pelong tsa batho ba Hae hape, hobane O itse, "Eyang ka lefatshe lohle le bolelle batho bohle, mme ha sena se se se etsahetse e tlabe nako e se ele yona." Na ha o hlokomele hore kereke ya Modimo e thola matla ha sena se qala? Bara ba Hae batswa ka molaetsa wa mohau le topollo le matshwao ao and Bibele e buang ka ona a ya bonahala--le ho hlaha ha mahodimo. Emong le e mong o ya nang le pohatso ya semoya o ya bona hore sena ke nnete.

Lota ene ele monna ya lokileng Bibele e bolela jwalo, empa dibe tsa batho ba hae diile tsa etsa hore Sodoma e senyehe letsatsi le letsatsi, jwalo kaha ho etsahala ho bara le baradi ba sebele ba Modimo kajeno. Lota o ile a bona ho sebediswa hampe ha mmele le tshenyeho ya ona, ho senyeha ho ha dithetefatsi, botawa, le dijuvenile delinquents, empa leloko la Lota la motsheha, mme ba sa modumele. Oho ke ya bautlwa batsheha Lota, ba re "Ha jwang motse o moholo jwalo ka Sodoma o ka felang ka matla a makana ka mahlale a makana kana?" Mme babolela ntho yona eo ka letsatsi lena, "Ha jwang lefatshe le ka senywa ke mollo, ha jwang le ka timela?" Mme batswella ka mokgwa oo... Moena waka ya ratehang, ke tla o bolella hore ka mokgwa o jwang--Lentswe lona leo le ileng la laela hore lefatshe lebe teng letla bua hore le fele--ka Lentswe la Modimo le ne le buuwa, mme ka yona tsela eo le tla fela hape. Modimo eba le mohau ho lefatshe lena le, senyehileng, foufetseng, moloko o senyehileng. Le atetswe ke tsohle le ruile, empa le tsotse kapela Modimo mme ha le tsebe. Ke madimabe a ma ka kang!

Ha re shebeng se ileng sa etsahala ha Sodoma e fenethwa ke Modimo. Ke rata hore o hlokomele Sodoma e ile ya fediswa ke mollo, mme nakong ya Noe lefatshe le ile la fediswa ka metsi. Modimo o ile a etsa selekane le motho hore a ka se fedise lefatshe ka metsi hape, empa ha akaba a etsa selekane le ka mollo--ka tsela e jwalo o tla fedisa lefatshe ka mollo a sa roba selekane sa Hae. Peterose moaapostala o ile a bona sena mme a bua ka sona.

Pele Modimo a fedisa Sodoma O rometse lengeloi ho ka hlokomedisa Abrahama. Hobaneng? Hobane Abrahama ke ya neng a phela ka Lentswe mme a etsa Lentswe. Ke tsela eo mangeloi a tlileng ho batho--hobane a bolokile Lentswe la Modimo. Mangeloi a mararo a tlile ho Abrahama mme a mmolella (moporofeta wa Modimo) hore Modimo o tla timetsa Sodoma. Hlokomela lebaka la mangeloi a na a mararo' a etile--a ne a tlisistse molaetsa wa ho qetela. Mme mangeloi a tloha lapeng la Abraham le hoya Sodoma le ho bolella Sodoma ka kahlolo. Sodoma e ile ya tsheha mme ya bolela ha mangeloi e le a mabe. Oho jwalo ka bao baipitsang dikereke matsatsing ana. Mosebeletsi wa sebele wa Modimo a tla motseng ba batla ho mohlokofatsa ho nale ho ema le yena le ho mosapota, le ho hlokomela molaetsa oo. Empa Bibele e re batlaba ka mokgwa oo, e bolela ka matsatsi a ho qetela, "Batho e tlaba ba ratang ntho tsa lefatshe, baithati, ba mehopolo e phahameng, ba sa rateng nnete, baqosang ba senang molato, banyatsang ba buang nnete." O re, "Moena Branham, batho bao ba lokela hoba ke makomonisi." Tjhe haho jwalo--ke ba ipitsang Bakreste, ba nang le sebopeho sa borapedi empa ba latotse matla a jona balatola molaetsa wa ho qetela, balatola matla a maholohadi, ba sa batleng mamela.

Oho empa ho molemo ha ka kang ho dula ho Modimo ho dumela ho Yena, mme le ho putswa jwalo ka Lota le Noe--ba kgethwa ka baka la botshepehi ba bona. Na o kile wa bala Lengolo lena ka taba tsa morwallo? Pele, phophi ya metsi e wela fatshe, Noe a kena ka hare ho areka--mme pele bolo ya mollo e wela Sodoma, Lota o ne a ntshuwe Sodoma. Mme Jesu o itse jwalo ka mehleng ya Noe, le jwalo kaha ho bile nakong ya Lota, ho tlaba jwalo le ho tleng ha Mora motho. Mongolo o leboteng, Kereke. Tsoha! Ha mongolo ole leboteng, tlhwibilo ya kereke e bohole bo bokae? Nahana ka seo--Noe o kene ka hare ho areka a bolokehile, le Lota o tswile Sodoma ka lona lebaka leo. Emong o ya tswa, e mong o ya kena. Seo se tshwantshang? Jwale, ke entse seo pelong yaka: ke mofuta wa kereke retswang lefatsheng ka ho bolokeha, le ho kena ka hare ho areka ya Modimo ka polokeho. Noe o ile a kena ka hare ho areka ya Kreste a bolokehile. Mme hopola sena--sefako sa lefifif se wela Egepeta, Israele o ile a etsa tsela ya hae Goshene moo hom neng hole kganya teng. Banna le basadi, mmameleng ha jwale--pele letsatsi leo le fihla le tlabe le tlositswe mona lefatsheng lena ka lefifi la kahlolo, matha kamoo o ka kgonang ho ya sebakeng se bolokehileng--a mohela molaetsa wa Haewa mohau. "Potlakang," ho bolela lengeloi "mme haho letho leo nka le etsang pele o bolela." Kahlolo e ka setle. Russia e nale dimissaeile tse tlang hore lahlela betheng ya lefu. Na seo se bua ka eng semoyeng? Modimo O bua le kereke ya Hae "Tlohong haho seo nka se etsang pele le etswa." Modimo, o emetse hore kereke e robe selekane le mokgatlo le ho atamela ho tshelweng ka Moya o Halalelang. "Haho seo nka se etsang ntle le hore le etswe." Re lokela hotla mmoho hore pele tlhwibilo e fihla rebe rele mmele o le mong.

O o etetse kajeno, Kereke, mohaung, mme O lebeletse molaetsa wa Hae. Tloho kwano hotswa marako ao a entsweng ke batho a Babylona mekgatlo e entsweng ke batho; tloha ho mekgwa ya theology; mathela mahareng a mohau wa Hae o hweletse ore mohau, hobane ke Madi A mora wa Hae a tlang ho pholosa! Tloha pelaelong tsa hao tsa kgale tsa tlhaho, dipelaelo tsa hao, mathela mahareng a mohau wa Hae. Hobane kere ho wena mabota a entswe ke matsoho a motho ao a mokgatlo a tla fela le ho timela ha lefatshe. Empa ba lokileng Lota le Noe ba ile bantshuwa, mme ho tlaba jwalo le ka kereke ya Modimo O phelang. Ha o mamela o ka se bone le kamohla atomic bomb, mme haho lesebetsa se le seng sa temelo setlang ho o fihlela--o tlabe o bolokehile mohaung wa Modimo. Na ha o utlwe ho hulwa ha hao ke Moya ho o tlosa nthong e na e entsweng ke motho ho kereke tseo tse wang, ho o boloka ka Moya wa Hae? Morena ha A bokwe, O bula mahlo a rona! Re yatla Modimo ya ratehang, re emele re yatla.

Amen.

Tlhompho ho Leo Mercier le ba laodi ka mosebetsi wa bona ka boithaopa ba bona ho sebetsa le nna hop tlisa buka ena e nyane ho wena, eo ke dumelang hore e tlaba tlhohonolofatso e kgolo ho wena ho ka tsebisa ha batsi ka Mmuso wa Modimo.

William Branham